Mattheu
Khaolo 5:12-18
BIBELE e Halalelang
12Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso wa lona o tla ba moholo lehodimong; hobane ba hlorisitse jwalo baporofeta ba bileng teng pele ho lona.
13Le letswai la lefatshe; empa ekare ha letswai le tapa, le ka nokwa kang? Ha le sa na mosebetsi, le se le ka mpa la lahlelwa kantle, la hatwa ke batho.
14Le lesedi la lefatshe. Motse o beilweng hodima thaba, ha o na ho patwa.
15Lebone le lona ha le hoteletswe ho kenngwa katlasa morula, empa e le ho hlongwa kandelareng, le tle le bonesetse bohle ba leng tlung.
16Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi ya lona e molemo, mme ba rorise Ntata lona ya mahodimong.
17Le se ke la hloma ekaba ke tlile ho fedisa molao, leha e le baporofeta; ha ke a tla ho fedisa, ke mpa ke tlile ho phetha.
18Hobane kannete ke a le bolella, ke re: Lehodimo le lefatshe ha di eso ho fete, jota leha e le nngwe, le hlaku leha e le nngwe ya molao, e ke ke ya feta, ho eso ho etsahale ntho tsohle.