Mattheu
Khaolo 5:36-42
BIBELE e Halalelang
36O se ke wa ana le ka hlooho ya hao, hobane qoba ya moriri, leha e le nngwe, o ka sitwa ho e fetola bosweu, leha e le botsho.
37Empa puo ya lona e be e, e, tjhe, tjhe; se eketswang se tswa ho e mobe.
38Le utlwile hoba ho boletswe, ha thwe: Leihlo le phetetswe ka leihlo, leino ka leino.
39Empa nna, ke re: Le se ke la hanela ya le etsang hampe; empa ekare ha motho a o jabela lerama le letona, o mo sekehele le lona le leng.
40Motho, ha a rata ho o tsekisa le ho o amoha kojwana, o mo tlohelle le yona kobo.
41Ekare ha motho a o qobella, hore o tsamaye le yena meile e le nngwe, o tsamaye di le pedi.
42Nea ya qelang ho wena, o se ke wa furalla ya ratang ho adima ho wena.