Mattheu
Khaolo 5:4-10
BIBELE e Halalelang
4Ho lehlohonolo ba llang; hobane ba tla tshediswa.
5Ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatshe.
6Ho lehlohonolo ba lapelang ho loka, ba nyoretsweng hona; hobane ba tla kgoriswa.
7Ho lehlohonolo ba mohau; hobane ba tla hauhelwa.
8Ho lehlohonolo ba pelo di hlwekileng; hobane ba tla bona Modimo.
9Ho lehlohonolo ba etsang kgahiso; hobane ba tla rewa bana ba Modimo.
10Ho lehlohonolo ba hlorisetswang ho loka; hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.