Mattheu
Khaolo 5:43-48
BIBELE e Halalelang
43Le utlwile hoba ho kile ho thwe: Rata wa heno, o hloye eo e leng sera ho wena.
44Empa nna, ke re ho lona: Ratang bao e leng dira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang;
45le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong; hobane o tjhabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba kgopo.
46Hobane ha le rata ba le ratang, le ka ba le moputso ofe? Na balekgetho ha ba etse jwalo le bona na?
47Mme ha le dumedisa banababo lona feela, le etsa ho fetisang hofe? Balekgetho le bona ha ba etse jwalo na?
48Mme jwale, phethehang, jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethehile.