Mattheu
Khaolo 5:5-11
BIBELE e Halalelang
5Ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatshe.
6Ho lehlohonolo ba lapelang ho loka, ba nyoretsweng hona; hobane ba tla kgoriswa.
7Ho lehlohonolo ba mohau; hobane ba tla hauhelwa.
8Ho lehlohonolo ba pelo di hlwekileng; hobane ba tla bona Modimo.
9Ho lehlohonolo ba etsang kgahiso; hobane ba tla rewa bana ba Modimo.
10Ho lehlohonolo ba hlorisetswang ho loka; hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.
11Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata.