Mattheu
Khaolo 6:15-21
BIBELE e Halalelang
15empa ekare ha le sa tshwarele batho ditlolo tsa bona, Ntata lona le yena a ke ke a le tshwarela ditlolo tsa lona.
16Ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho tsa lona, jwaloka baikaketsi; ba itshenya tshobotsi, ba tle ba bonahale ho batho hobane ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.
17Haele wena, enore ha o itima dijo, o itlotse hlooho, o iphotle sefahleho;
18o tle o se ke wa bonahala ho batho hobane o itima dijo, ho mpe ho tsejwe ke Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.
19Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome a jang teng, le moo mashodu a fatang teng, a utswang.
20Le mpe le ipokellele matlotlo lehodimong, moo tshwele le mafome a sa jeng teng, le moo ho seng mashodu a fatang, a utswang.
21Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo le pelo ya hao e tla ba teng.