Mattheu
Khaolo 6:7-13
BIBELE e Halalelang
7Ha le rapela, le se ke la touta jwaloka bahetene; hobane ba hloma ba tla utluwa ke ho bua haholo.
8Empa le se ke la tshwana le bona; hobane Ntata lona o tseba seo le se hlokang, le eso ho qele ho yena.
9Jwale lona, rapelang jwalo, le re: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao a le ke le kgethehe;
10ho tle mmuso wa hao; thato ya hao e etswe lefatsheng, jwalokaha e etswa lehodimong;
11o re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng;
12o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha re tshwarela ba nang le melato ho rona;
13o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]