Mattheu
Khaolo 7:17-23
BIBELE e Halalelang
17Efela sefate ka seng se monate se beha ditholwana tse monate; le sefate ka seng se sebe se beha ditholwana tse mpe.
18Sefate se monate se ka sitwa ho beha ditholwana tse mpe, mme sefate se sebe se ka sitwa ho beha ditholwana tse monate;
19Sefate se seng le se seng se sa beheng ditholwana tse monate, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.
20Ke moo ke reng: Le tla ba tseba ka ho beha ha bona.
21Hase bohle ba reng ho nna: Morena! Morena! ba tlang ho kena mmusong wa mahodimo; empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.
22Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho nna: Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na?
23Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha ke a ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lona ba sebetsang bokgopo.