Mattheu
Khaolo 7:6-12
BIBELE e Halalelang
6Se neeng dintja dintho tse halalelang, le se ke la lahlela diperela tsa lona pela dikolobe, esere mohlomong tsa di hatakela ka maoto, tsa ntoo sokolohela ho lona, tsa le harola.
7Kopang, mme le tla newa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa.
8Hobane e mong le e mong ya kopang, o a newa; ya batlang o a fumana, mme ho bulelwa ya kokotang.
9Ana motho ke ofe ho lona ya ka neang mora wa hae lejwe, ha a kopile bohobe?
10Kapa ha a kopile hlapi, na a ka mo nea noha na?
11Mme lona, ba lonya, ha le tseba ho nea bana ba lona ntho tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba kopang ho yena tse molemo!
12Mme jwale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lona; hobane ke wona molao le baporofeta.