Mattheu
Khaolo 8:28-34
BIBELE e Halalelang
28Yare ha a fihlile mose wane, naheng ya Bagadarene, a kgahlanyetswa ke batho ba babedi ba nang le batemona, ba tswa mabitleng; e ne e le ba hlanyang hampe, hoo ho neng ho se motho ya ka betang pelo ho feta ka tsela eo.
29Ba howa, ba re: Taba ya rona le wena keng, Mora wa Modimo? Na o tlile mona ho re hlokofatsa, e eso ho be nako ya teng na?
30Mme hojana le bona, mohlape o moholo wa bo o le teng, wa dikolobe tse fulang.
31Batemona ba mo rapela, ba re: Ha o re leleka mona, o re romele mohlapeng wa dikolobe.
32A re ho bona: Eyang. Yaba ba tswa, ba ya dikolobeng; mme hang, mohlape wohle wa dikolobe wa mathela selomong, wa itihela lewatleng, mme tsa eshwa metsing.
33Yaba badisa ba baleha; ha ba fihla hae, motseng, ba bolela ditaba tseo tsohle, le tse hlahetseng ba neng ba ena le batemona.
34Yaba ba motse kaofela ba tswela ho kgahlanyetsa Jesu, mme ha ba mmona, ba mo rapela haholo, hore a tlohe naheng ya bona.