Mattheu
Khaolo 8:6-12
BIBELE e Halalelang
6a re: Morena, mohlanka wa ka o rapaletse tlung; o omeletse ditho, mme o kula hampe.
7Jesu a re ho yena: Ke tla ya, ke mo fodise.
8Empa molaodi wa lekgolo a bua, a re: Morena, ha ke na tokelo ya hobane o kene tlung ya ka; o mpe o bue polelo feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.
9Hobane le nna, ke leng motho ya buswang ke ba bang, ke na le bahlabani ba katlase ho nna; mme ha ke re ho e mong: Eya, o a ye; le ho e mong: Tloo, o a tle; le ho mohlanka wa ka: Etsa hoitseng, o a ho etse.
10Jesu, ha a mo utlwa, a tsota, mme a bolella ba mo latelang, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Ha ke eso ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.
11Ke a le bolella, ke re: Ba bangata ba tla tswa botjhabela le bophirimela, mme ba tla dula dijong le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo mmusong wa mahodimo.
12Empa bara ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.