Mattheu
Khaolo 9:1-4
BIBELE e Halalelang
1 Jesu a kena sekepaneng, a boela a tshela, mme a tla motseng wa habo.
2Yaba o tlisetswa motho ya omeletseng ditho, a rapaletse diphateng; Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya omeletseng ditho: Beta pelo, ngwana ka, dibe tsa hao o di tshwaretswe.
3Yaba ba bang ho bangodi ba re ka ho bona: Enwa o a nyefola.
4Jesu ha a bona mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?