Mattheu
Khaolo 9:10-16
BIBELE e Halalelang
10Yare ha a dutse dijong tlung, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba kena, ba dula dijong le Jesu le barutuwa ba hae.
11Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Na moruti wa lona o jelang le balekgetho le baetsadibe?
12Jesu ha a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batlwa ke ba kulang.
13Empa eyang, le ithute polelo e reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo; hobane ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.
14Mohlang oo, barutuwa ba Johanne ba tla ho Jesu, ba re: Rona le bafarisi, re itimelang dijo hangata, athe barutuwa ba hao ha ba itime tsona?
15Jesu a re ho bona: Balekane ba monyadi na ba ka lla, monyadi ha a sa le ho bona na? Empa nako e a tla eo monyadi a tla tloswa ho bona, ke hona ba tla itima dijo.
16Ha ho motho ya ka beang setsiba se setjha seaparong se tsofetseng, hobane setsiba se kenntsweng se ka hahola seaparo, sa eketsa taboho.