Mattheu
Khaolo 9:21-27
BIBELE e Halalelang
21Hobane o ne a re ka ho yena: Ha nka ama kobo ya hae feela, ke tla fola.
22Jesu a reteleha, a mo tadima, a re ho yena: Beta pelo, moradi wa ka; tumelo ya hao e o pholositse. Mme nakong yona eo, mosadi a fola.
23Jesu ha a fihla tlung ya kgosana, a bona ba teang diphala le batho ba bangata ba etsang lerata le leholo.
24A re ho bona: Tlohang, hobane morwetsana ha a shwa, o mpa a robetse. Mme ba mo tsheha.
25Yare ha a ntsheditse bongata boo ntle, a kena, a mo tshwara ka letsoho, mme morwetsana a tsoha.
26Mme taba eo ya tuma lefatsheng leo lohle.
27Jesu ha a tloha moo, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, o re utlwele bohloko.