Mattheu
Khaolo 9:30-36
BIBELE e Halalelang
30Mahlo a tsona a tutuboloha; mme Jesu a di laya haholo, a re: Iponeleng, hore taba eo e se ke ya tsejwa ke motho.
31Empa ha di tswile, tsa hasanya botumo ba hae naheng eo yohle.
32Tsa re di sa tswa tloha, Jesu a tlisetswa motho ya semumu, ya nang le motemona.
33Mme ha ho lelekilwe motemona semumu sa bua; bongata ba makala, ba re: Taba e jwalo ha e eso ho ka e bonwa Iseraeleng!
34Empa bafarisi ba re: O leleka batemona ka morena wa batemona.
35Jesu a tsamaya, a tjhalakela metse yohle le metsana, a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.
36Ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.