Genese
Khaolo 35:21-27
BIBELE e Halalelang
21Iseraele a tswela pele, a hloma tente ya hae kapele ho Migdale-Edere.
22Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.
23Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.
24Bara ba Ragele ke Josefa le Benjamine.
25Bara ba Bilha, lekgabunyane le Ragele, ke Dane, le Nefthali.
26Bara ba Silpa, lekgabunyane la Lea, ke Gade, le Asere. Ke bona bara ba Jakobo bao a ba tswaletsweng Paddan-Arame.
27Jakobo a fihla ho Isaaka, ntatae, Mamre, motseng wa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, moo boAbrahama le Isaaka ba kileng ba ahella teng.