Genese
Khaolo 35:23-29
BIBELE e Halalelang
23Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.
24Bara ba Ragele ke Josefa le Benjamine.
25Bara ba Bilha, lekgabunyane le Ragele, ke Dane, le Nefthali.
26Bara ba Silpa, lekgabunyane la Lea, ke Gade, le Asere. Ke bona bara ba Jakobo bao a ba tswaletsweng Paddan-Arame.
27Jakobo a fihla ho Isaaka, ntatae, Mamre, motseng wa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, moo boAbrahama le Isaaka ba kileng ba ahella teng.
28Ditshiu tsa Isaaka ya eba dilemo tse lekgolo le mashome a robileng meno e mmedi.
29Yaba Isaaka o neela moya, a shwa, a orohela setjhabeng sa habo, a tsofetse, a atetswe ke matsatsi; mme Esau le Jakobo, bara ba hae, ba mo epela.