Genese
Khaolo 43:30-34
BIBELE e Halalelang
30Josefa a phakisa a tloha, hobane pelo ya hae e ne e hlomohela moenae, mme a batla moo a ka llelang teng; a kena tlung e kahare, a llela teng.
31A ntoo iphotla sefahleho, a boela a tswa a itiisa, a re: Tsholang dijo.
32Ba mo tsholela kahosele, le bona ba tsholelwa kahosele, le Baegepeta ba jang le yena ba tsholelwa kahosele; hobane Baegepeta ha ba na ho ja le Baheberu, hobane ke manyala ho Baegepeta.
33Ba dudiswa pela hae, e moholo ka boholo ba hae, le e monyenyane ka bonyenyane ba hae, mme banna bao ba tadimana ka ho tsota.
34A ba abela dijo tse pela hae, mme kabelo ya Benjamine ya fetisa dikabelo tsa bona kaofela hahlano. Mme ba enwa, ba thaba le yena.