Genese
Khaolo 44:1-4
BIBELE e Halalelang
1 Josefa a laela mohlahlobi wa ntlo ya hae, a re: Tshela mekotla ya batho bao koro, o lekanye kamoo ba ka belesang kateng; o busetse tjhelete ya e mong le e mong molomong wa mokotla wa hae.
2O kenye le senwelo sa ka, senwelo sa silefera, molomong wa mokotla wa e monyenyane, le tjhelete ya koro ya hae. A etsa kamoo Josefa a mo laetseng kateng.
3Yare ka meso banna bao ba kgutliswa le diesele tsa bona.
4Eitse hobane ba tswe motseng, ba eso ho be hole, Josefa a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Raoha, a phallele batho bao, mme moo o ba fihlelang, o re ho bona: Ke ka baka lang ha le lefeletse botle ka bobe?